VAT Dibukeng
Theko ya dibuka ke yona ntho ya bohlokwa haholo bathong ba bangata, haholoholo bao ba fumanang meputso e tlase. Ka baka la theko e hodimo ya tsona, dibuka di qetella e le dintho feela tse se nang molemo ho bona. Hona ho a swabisa, haholoholo naheng eo ho yona palo ya batho ba sa fumanang monyetla wa thuto e ka fihlang ho 60%. Mongodi, hape e le moqolotsi wa ditaba, Terry Bell (eo pejana e neng e le titjhere, mohlahisi wa lenanethuto, le mohlophisi) o lemohile dikamano mahareng a theko ya dibuka le lenaneo la ho ruta ho bala. Temoho ena e nehile Bell mohopolo wa ho hlahisa phethishene ya setjhaba ya hore ho tloswe lekgetho la VAT dibukeng, mme hona ho etswa molemong wa hore dibuka di be theko eo batho ba ka kgonang ho e lefa hape ba kgothale le ho di bala. Yena o theile lenaneo le tsejwang ka Campaign Against Reader Exploitation (CARE) ? Letsholo le Kgahlanong le ho Tshwarwa hampe ha Babadi ? mme a bitsa letsholo leo ? ?Tsebo e se ke ya Lefiswa Lekgetho?.
Jwalo ka karolo ya ho keteka Letsatsi la Lefatshe la Dibuka ka la 23 Mmesa 2002 Dilaeborari tsa Setjhaba di ile tsa tshehetsa letsholo lena. Re rata ho kgothaletsa bathahaselli bohle ba leng mabenkeleng a rekisang dibuka, ho thusa ntshetsopeleng ya phethishene ena hore e fumane tshehetso ya setjhaba. Ho ya mafelong a Phupjane 2002 re ne re se re fumane tshehetso ho tswa bathong ba 17 500.
CARE e shebile hore pele Letsatsi la Lefatshe la ho Bala le fihla ka la 8 Loetse 2002 e be e se e amohetse ditshaeno tse ka bang 100 000.
Khopi ya elektroniki ya phethishene ena e ka kotjwa atereseng ena:
O ka romelwa khopi ya phethishene hape ka fekse ha o ka e kopa.
Tshehetsa lenaneo la ho Bala ? Tseka hore Dibuka di be Theko e Tlase
TSEBO E SE KE YA LEFISWA LEKGETHO
TSHEHETSA LENANEO LA HO BALA ? TSEKA HORE DIBUKA DI BE THEKO E TLASE
Molemong wa ho thusa ?ho bopa setjhaba sa batho ba balang?, rona, ba saenneng mona ka tlase, re etsa boipiletso hore dibuka di se ke tsa lefiswa lekgetho la value added tax (VAT). Hona ho tla latela ho etsahalang le dinaheng tse ding, mme hape e tla ba mohato wa ho fokotsa ditheko tse hodimo haholo tsa thekiso ya dibuka tse hlahiswang mona lapeng.
LEBITSO
ATERESE
TSHAENO
